Leeto lena le reretsoe ho matlafatsa kutloisiso ea basali le bacha ka makhabane a bona, moo ba lokelang ho a sebelisa ho aha sechaba se nang le tlhompho, kutloisisano, ebile se phelisana ka khotso molemong oa nts’etsopele ea naha ea Lesotho.
Morero o moholo oa leeto lena, ke ho bona bo Mme, bacha le bacha ba nang le bokooa ba ba le boikemelo bo phethahetseng litabeng tse ba amang, haholo tse ka har’a sethala sa lipolotiki, ka boemeli le boikemelo ho etsa liqeto tse molemong oa bohle.
O ka sehlohong oa merero ea leeto lena ke ho bona karolo ea boemeli ba basali le bacha ka ntlong ea Bakhethoa bo phahama ho isa ho mashome a ts’eletseng (60) likhethong tse tlang tse akaretsang, e le leeto le thakhohileng selemong sena seo naha ea Lesotho e ketekang lilemo tse 60 e ipusa.
Ho fihlela sena ho tla ba le mananeo a fapaneng a kenyelletsang mekhahlelo le likarolo tse fapaneng tsa sechaba hofihlela morero o ea pheletsong ka 2027.
Morero o ts’ehelitsoe ke UN-Women ka letsete la European Union. Morero o phethahala linaheng tse leshome le motso o mong, ka mekhatlo e ikemetseng.













Leave a Reply