Advertisement

BAM Group Foundation e thusitse mokhatlo oa Thusanang People with Disability Society Lithoteng ka mosebetsi oa ho etsa tlhahiso ea lisebelisuoa tse hloekisang katlung mafelong ana a beke. Thupelo e entsoe ke Natureโ€™s Health, e etsetsoa litho tsa mokhatlo e le batho nang le bokooa. Morero ke ho ba thusa ho iketsetsa ho ena le ho reka, ebile ba ba monyetleng oa ho rekisa. Baithuti ba abetsoe mangolo (certificates) a ho ba tlotla ho fumana tsebo ea ho itlahisetsa. Ho bile teng Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano ka ntlong ea Bakhethoa ho ba khothatsa thupelong ena.

BAM Group Foundation e tla tsoelapele ho ba fa thupelo ea ho tsamaisa mokhatlo hore ba nke boikarabello bohle ho iphelisa le ho holisa mokhatlo. Mosebetsi ona o tsโ€™ehelitsoe ke likhoebo tse ling tsa Lithoteng e le ho kenya letsoho ntlafatsong ea sechaba.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *